Haeba o tseba sehlopha se itseng sa batho ba sebetsang sebakeng sa tshehetso ya setjhaba, kapa o le mohokahanyi (kapa o tshehetsa mohokahanyi) ya sebetsanang le basebetsi ba tlhokomelo ya setjhaba, tsela e nngwe e bobebe empa e le ya bohlokwa ya ho #Tshehetsa (#BaTeng) ke ho aha le ho hodisa polatefomo ya tshehetsano ya Bahale Ba Rwetseng Dimonkwane ho WhatsApp/Moyo (tshebeletso ya mahala ya lehaeng ya ho qoqa).
Ho Qala: Romela molaetsa wa poraefete ho mohlokomedi wa setjhaba ka mong eo o ka ratang ho mo mema ho ba sehlopheng. Pele o ba kenya sehlopheng sefe kapa sefe, ba botse pele hore na ebe ba ka rata ho kenngwa na. Molaetseng oo o lokela ho hlalosa sepheo sa sehlopha seo le tseo ba tlang ho lebellwa ho di etsa. Ebang ho le bonolo, o ka nna wa seha le ho manamisa mongolo o ka tlase mona molaetseng oo ho thusa ho qala tshebetso ena:
Dumela! Ke tshepa hore o ntse o eya hantle. Ke fumane nomoro ya hao ho _______(kenya dintlha tse siyo). Ke a tseba hore dintho di batla di le thata ho wena le basebetsimmoho nakong ena ya sewa. Ke ne ke mpa ke batla ho o tsebisa hore ke qala sehlopha sa tshehetso sa inthaneteng ho Whatsapp/Moyo. Ha o qobellwe ho nka seabo – empa hape ke sebaka seo ho sona o ka hokanang le batho ba bang ba ka beng ba ena le mathata a tshwanang le a hao. O ka nna wa tswa sehlopheng sena neng kapa neng ha o batla – nke ke ka o botsa letho! Ka kopo ntsebise haeba o dumela hore ke o kenye sehlopheng sena. Ke nna _______(lebitso la hao)
Jwale, haeba a o tsebisa hore o batla ho kena – ke hantle – kenya lebitso la hae sehlopheng! Ha a re tjhe, o se ke wa etsa hore a ikutlwe molato ka seo. Mo bolelle hore ha ho bothata mme haeba a ka fetola maikutlo a hae ha morao o tla be a ntse a amohelehile ho ka kena.
Qala sehlopha. Hopola hore nako le nako ha o kenya batho ba batjha ha ba no kgona ho bona melaetsa e abelanweng pele ba kenela, kahoo ho ka ba molemo hore o be le molaetsa wa kamohelo oo o tlang ho o seha le ho o manamisa nako le nako ha motho e motjha a kenela sehlopha. O ka nna wa kenyeletsa mantswe a kang ana:
O amohetswe sehlopheng sa tshehetso sa Bahale ba Rwetsweng Dimonkwane sa _________(ngola sebaka). Sena ke sebaka se hlophisitsweng moo re ka phahamisanang nakong tsena tse boima. Bakeng sa ho hlokomelana, ho na le ditataiso tsa motheo tseo bohle re lokelang ho di latela:
Ha se hangata ho leng bonolo ho hlalosetsa metswalle le ba lelapa ka tse etsahalang, mme ka dinako tse ding mosebetsi ona o ka etsa hore o ikutlwe eka o mong. Sehlopha sena se keke sa rarolla seo empa ke tshepa hore se ka fana ka maikutlo a boahisane, bosebetsimmoho le setswalle, mme se ka o thusa ho hopola hore ha o mong.
Hape ho na le mehlodi e etseditsweng ho tshehetsa WENA ka ho qolleha ho maskedheroes.org.za Kapa o romele “hi” ka WhatsApp ho 060 011 9999.
Etsa hore e dule e tswella: E ka nna yaba o tswalletswe sena, empa ha ho se jwalo, tswela pele o bale! Hopola hore sepheo sa sehlopha sena ke ho thusa basebetsi ba tlhokomelo ya setjhaba ho shebana le mosebetsi ona. O ka etsa sena ka ho;
Mme o hopole:
Ba bea bophelo bo botle – le maphelo a bona – kotsing letsatsi le leng le le leng, feela hore ba sireletse rona. Ka tshehetso ya rona, ba ka re thusa ho hlola COVID-19. Ha re reng RE A LEBOHA!
Thank you for being there for all the people that you have helped!